1 Ho hlola le wena, -Ha ho k aba jwalo
Ho ba le wena, Morena, -Ke bona bophelo.
Moo ke hlahlathelang, – Ke hlora ka 'nete
Ke hlolohetswe hakaakang- Haeso, ha Ntate (ter)
Haeso, ha Ntate
2 Ka matsatsi-tsatsi – Ke ntse ke titima;
Leha ho le ditsietsi,-Hae ke tla finyella.
Motse o ratehang,-Hae la ka la 'nete
Ke hlolohetswe hakaakang,…
3 Empa mahlomola,- Mohlomong le dillo
Di ntutubatsa ka matla- Mahlo a tumelo.
Motse o ratehang,-Hae la ka la 'nete,
Ke hlolohetswe hakaakang,…
4 Leha ke khathala , -Ha o sa le hole;
Ke o bonela leroothong,- o ntse o khabile:
Motse o ratehang,-Hae la ka la 'nete.
Ke hlolohetswe hakaakang…
5 o nthuse, Morena,-Ke fihle kapele,
Ke be ke hlole le wena- Ka matsatsi 'ohle
Motse o ratehang,- Hae la ka la 'nete,
Ke hlolohetswe hakaakang…
