1. Lefatsheng lena ke tla tloha,
Malwetse a ka a tla fela;
Ke khathetse, ke batla phomolo.
Eto la ka ke se ke tla le qeta,
Ke orohele sefubeng sa Ntate.
2. Meleko e se e tla ntesa,
Mefokolo e tla ntlohela,
Ke lese ho sitelwa Modimo;
Ke hlahlelwe lesakeng la Konyana,
Moo ke sa e'o bona dihloriso.
3. Sedi la teng le tla nkhanyetsa,
Tsebo ya teng e tla nkhodisa,
Ha ke sa tla phela ka bowatla;
Rato la teng le sa tla 'nyakalatsa,
Ka matsatsi a se nang ho fela.
4. Monghadi, ke o lebeletse,
Nkuke, etswe o lokisitse,
Ruri, Jesu, ke o hlolohetswe,
U nkuke, ke ee ke o sebeletse,
Mong'a ka, o se o ntiehetse.
