1 Bomadimabe bo bokaakang
Ho bana ba batho!
Kaofela bo-mang le mang,
Ba matleng a lefu.
2 Rona. Re boha bonatla,
Hlalefo, boholo;
Tsena tsohle ke lefela
Ha ho hlaha lefu.
3 Le hlaha ka matshabeho
Le ha mahlomola;
Le feta le siea dillo
Le dithako fela.
4 Empa bathing ho hlahile
Moren'a bophelo;
Ke senatla, ke mohale,
Ke Mor'a Modimo!
5 O phalletse ho hlakola
Mehlala ya lefu,
Ho tshepisa, ho tshedisa
Dipelo tsa batho.
6 Le lefu o le betile.
O le kateletse,
O le hlotse; ho fedile,
O re lopolotse!
7 Se tshohe, se thothomele,
Ngwana wa Modimo!
Lefung, matla le tsenene
Di se di le sieo.
8 Se teng fela ke bophelo
Bo khanyang lebitleng;
Ke hlwekiso, ke letl?tlo,
Ha o ya Moreneng.
