1 o tla tloha, o hauhele
Thaba ya hao ya Sione;
Nako e se e fihlile
Ya hoba o e etele.
2 Bana ba hao ba hlomoha,
Ke majwe a helehileng;
Esita lerole la teng
Ho bona le ya rateha.
3 Bahedene bat la tshaba
Bitso le hao la Jehova;
Le marena a tla tshoha
Khanya ya hao ha e chaba.
4 Jehova o tla tla khanyeng
Mohla a tsosang Sione;
Tsebe a e sekehele
Sello sa ba mo tshepileng.
5 Thapelo ya ba swabileng
Ha a ka ke a e lahla;
Bitso la hae le tla rokwa
Ke meloko e sa balweng.
