9.8.9.8.D.
1 morena, ho hotle hakaakang
Ha o nkhopola teroneng,
U ntsela lerato le tukang
Pelong ya ka e hatsetseng.
Ka mehla ke tla o leboha,
Hoba o ntsitse thohakong,
U mpatletse ho khatholoha,
Ka ho kena matswenyehong,
2 ha o mpona ke sa labile
Ho dintho tse sa ntokeleng,
Kapa nthwana ha e ntlamile,
Ee wena o sa e rateng,
kapa ke ya bohlokwa ho'na
Ho feta thak' leihlo,
Khaola hang ditlamo tsena,
Ke lokollwe, ke be wa hao.[bis]
3 Pelo ya ka ya o lakatsa,
Jesu,u ikahele teng;
U ne o re , o tla e etsa
Tempele e o khethetsweng
E buswe ke moya o motle,
E tlale rato la boena,
E khabiswe ka dintho tsohle
Tse ka o ratisang eona.
4 thua, chesa, fedisa ruri
Tsohle tse sa o khahliseng;
Fatshe ha le sa ntse le ntshwere
Ka lehlokwana le le leng,
E ntse e le mahlaanhlela
A ntshitang ho o latela
Athe o itse, ba itelang
Ke bona ba o tshwanelang, }(bis)
