1 dibe tsa batho
Di tswala lefu;
Adam'o tlotse;
Mohlang oo,
Jehova o mo ahlotse.
2 Le rona bohle
Ha re na botle;
Dibe dia re ja,
Ba metse ka metse
Dia re bolaya.
3 Helang, ba heso,
Latelang Jesu,
Le mo mameleng,
A buse ho rona,
'meleng le moyeng.
4 O re tswaletswe,
O re hlabetswe;
Jwale re bona
Baka sa pwelano
Le Ntat'a rona.
5 Tsohle ke tsa hae.
O khutletse hae
Ho re hlekela
Tulo ho Modimo,
Ho re rapella.
6 Ba se nang wena,
Mong'a marena,
Ba ka phela jwang?
Ba dutseng ho wena,
Ke bat la phela.
