8.8.8.8.8.8.
1 Moren'a ka, lentswe la hao
Na ke tla le leboha ka'ng?
Le lokile, le molemo
Ho tsohle tse ka bolelong;
Theko ya lona e feta
Ya silevera le gauta.
2 Ho lon ke ntse ke bona
Dijo tsohle tse mphedisng;
Bese le loketseng bana
Bohobe bo 'matlafatsang.
Tse ding leha di ka ntena,
Nke ke ka tenwa ke lona.
3 Tseleng ya ka ke lebone
Le montshng hohle moo ke yang;
Seding la lona ke bone
Tse monate, tse nkhothatsang;
Teng ke bone ka tumelo
Tsa fatshe lela la pallo
4 Ke lengolo le monate
Le tswang mane lehodimong,
Le ngoletswe 'na ke Ntate.
O re ke kene bophelong.
Ka mehla ha ke le bala,
Pelo ya ka ya nyaroha.
5 Moren' ka, ke ya rapela
U nkekeletse mohau,
U 'neile Lentswe lena,
U 'nee le Moya wa hao!
E be oona o ntemosang
Taba tsa lona tse hlollang.


(33 rating, 10 votes)