8.7.8.7.
1 Tsee ke leng ho tsona fela
Ketse balwang Bibeleng;
Ke di dumetse kaofela,
Ha ke mamele tse ding.
2 Ke utlwa matla a tsona,
Ke matla a Modimo
A bolokang mee'a bona
Ba batlang lehodimo
3 Moren'a ka, o bolele,
Ke ntse ke o mametse
Ha o re di nkhalemele,
Mohlomong di ntshedise.
4 Pelo ya ka e thabele
Ditaba tsohle tsa hao;
Ke tiee, ke di mamele,
Ke tsamaee ka molao.
