1. Modim'o ratile batho,
Wa ba lopolla tahlehong;
wa ntsha Mor'a oona Jesu
Ho re shwela sefapanong.
2. Ba dumelang Jesu Kreste
Ha ba ka ke ba lahleha;
Ba sokolohang ka 'nete,
Bohle ba tla bolokeha.
3. O re ratile hakaakang,
O re entse bana ba hae!
Ya sa tl'o dumela ke mang?
Ho tla hanwa ho le hokae?
4. Rato lena le le leholo
Le roriswe ka dithoko.
A re leboheng ka pelo
Ya re sitsang ka poloko.

(4 rating, 1 votes)