Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Jehova, Moren'a topollo

1. Jehova, Moren'a topolla ea ka,
Ho uena ke beile tšepo eohle.
Matla a mahlomola a nkopa,
A mphahamela; hlo u mpholose!

2. Ruri ha ho moemeli lifatšeng
Ho ntšelisa lillong le litsietsing.
Nka leba kae, ha e se ho uena?
Rato la hao ke tšabelo sa ka.

3. Motho ea soto ea bitsang ho uena,
Pelo ea hao e tla mo sekamela.
Lona b akhathetseng, tlong ho eena,
O tla khatholla pelo tsa lona.

4. Holane ke se na tumelo ena,
Nka be ke hloloa ke meleko ea ka.
Empa Molimo ke ea nkemelang;
Ha ho phahlo tse ka ntšithabetsang.

5. Ha ke le bohloko, le malimabe,
Ke ntse ke thabela khotso ea 'nete.
Ha ke tšohe letho; nka tšaba eng?
Ke na le Molimo o sa sitoeng.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Jehova, Moren'a topollo