1 Se sa le teng sebaka bohaling;
Ntlo ha e s'o tlale,
Li sa le teng, litulo moreneng;
Phuthang bamemuoa.
Tsoelang litseleng le kahohle,
Le bitse batho, le ba khanne,
Le re, baka se sa le teng.
2 Se sa le teng, ho rialo Morena;
Ntlo e ke e tlale.
Lentsoe la hae le lume ka matla
Har'a ba lichaba.
Pelo ea hae e tletse mohau,
E rata poloko ea batho.
Ruri, baka se sa le teng.
3 Se sa le teng; mamela, molibe,
Lentsoe le monate.
U mohloki, u sehole ruri,
'Me u lahlehile.
E-re: Jesu, mphe, ke lefela,
Ke lesitsi, u nkhauhele,
Le 'na, le 'na, ke e'o kena.
4 Se sa le teng; se hane, ngoan'eso;
Le uena ua bitsoa.
Tlo moketeng, u lalle le Jesu;
U tla amoheloa.
Mohani o tla ja thohako;
Ea tlang o tla bona bolulo;
Etsoe baka se sa le teng.
5 Se sa le teng, tlung ea leholimo,
Baka se seholo.
Ke phomolo, ke khotso ea pelo
Sefubeng sa Jesu,
Teng ho fumanoa thabo, khanya,
Bophelo bo se nang ho fela.
Helang, baka se sa le teng!
