1. Ke moeti, ke le tseleng,
Ke feta ke tsamaya,
Leha tsela e le bothateng,
Ke lebile hae.
Fifi lona le k aba teng,
Nka 'na ka tsieleha;
Ana nka belaela ke'ng?
Ke lebile hae.
2. Mona ke 'musong oa lira,
Makhotla a ntikile,
A rora; ke tsoela pele,
Ke lebile hae.
Mohlomong ke fela pelo,
Kea imeloa, kea lela;
Leha ho le hotšot-hotšo,
Ke lebile hae.
3. Ke melekong ka matsatsi,
Ke hlora, ke teneha,
Ke mpa ke sa qopheletse,
Ke lebile hae.
Leha tlala e mpolaea,
Ke tsoile litlhabela,
Ke khathala, ke nyelisoa,
Ke lebile hae.
4. O teng ea ntlosang bolutu,
Ea ntjarelang bothata;
Ha ke mong, ken a le Jesu,
Ke lebile hae.
Oa mpoloka, oa nqobela,
O mphemisa maraba;
Ka khotso ke ntse ke fenya,
Ke lebile hae.
5. Li se li tla ba morao
Tsa tsela, tsa kajeno,
Mahloko le matšoenyeho,
Ke ea fihla hae.
Jo, thabo e tla ba kaakang,
Ha ke bona Morena,
E le eena ea ntlhapisang,
Ke fihlile hae.

(50 rating, 12 votes)