Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Tsohang, baahi ba Lesotho

1. Tsohang, baahi ba Lesotho,
Ba tsoileng fifing la khale,
Ba pholositsoeng ka mohlolo
O re makalitseng bohle!
Lemohang rato la Molomo,
O re ntšitseng har'a lintoa
Le botsabehong ba malimo,
Lifaqane, bokaota!

Moea, moea oa ;nete,
Moea oa bophelo,
Re nchafatsoe bohle,
Re hole ka tumelo!

2. Molimo, re phela ka khotso,
Re bile re tsoela pele
Ho se kotsi kapa khathatso,
Re rute ho se lebale!
Hobane ruri ke makalo,
Ntsoe la hao ha le tla fihla
Le re tlisetsa khatholoho
Kao a ba bang mokhathala!
Moea, moea oa 'nete, …

3. Re tla sebeletsa Molimo
Har'a leru la lipaki;
Re bonela mane holimo
Ba nchafalitsoeng ka mali,
Linatla tsohle tha tumelo
Ba-evangeli, pheellang!
Ke mang ho rona ea ka khutlang,
Ha re beetsoe tse kalo?
Moea, moea oa 'nete, …

4. Molimo, totisa tumelo,
Re be le moea oa 'nete;
Re lokeloe ke khauhelo
E neoang ka Jesu Kreste;
Re be lipaki tse tsepehang
Fatšeng lena la Lesotho
Ho se kamoo ho ka senyehang
Tlotlo le neiloeng batho.
Moea, moea oa 'nete, …

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Tsohang, baahi ba Lesotho