Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Batho bohle ba merabe

1 Batho bohle ba merabe,
Ba basoeu le ba batšo,
Bohle ke baetsalibe,
Batho ba melato-lato.

2 Molimo o n'o ngolile
Melao pelong tsa bona,
Ba e roba eohle-eohle,
Ba ikhantšetsa Morena.

3 Jo, ke ba tšoanelang lefu,
Ho timela ho sa feleng;
Pel'a Moren'e moholo
Ha ho ea mong ea lokileng.

4 Empa ho hlahile Jesu,
Mor'a Molimo. 'Moloki;
A ba lefela melato,
Tefong ha tšoloha mali.

5 Sefapanong, ka lerato,
A shoa; batho ba 'molaea.
A ba qobela likotlo,
Ba lumelang ba pholoha.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

B

Batho bohle ba merabe