Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Litšiu, linako tsohle

8.6.8.6.8.6.

1. Litšiu, linako tsohle
Tsa ho phela ha ka,
Ntate, u s'u li rerile,
Li tsejoa ke uena.
Le tsohle tse ka ntlhahelang,
Ke kamoo u ratang.

2. Ha kena ho tsota letho,
Le ho belaela;
U ntherile ka lerato,
U ntse u nkhopola.
Pheello, thapelo ea ka,
Ke ho u khahlisa.

3. Mphe rato le falimehang,
Nthute ho hauha,
Ke tsebe ho lla le ba llang
Le ho ba tšelisa;
Ke thabe le ba thabileng,
Bang ka 'na Moreneng.

4. Ho hapjoa ke tse tumileng,
Ho hola le tsona,
Ho batla le tse tebileng,
Ke tse ronang ngoana.
Ea ka taba, ea tšoanelo,
Ntate, ke taelo.

5. Oho, ntšitse ka matsatsi
Ka matl'a lekanang;
Ke sebetse mosebetsi,
Oo u nthomileng oona!
Ha nka o phetha, Morena,
Ho rorisoe uena!

6. Tse bohloko, le tse hlabang,
Taba tse boima,
Li atile tse re lekang
Ho pheleng ha rona.
Jesu, ba bang ba u tšepa
Ba ntse ba iketla.

7. Ha u khahloa ke ho nthoma,
Nthute ho itela,
Ke u khahlise ka mehla,
Leha ke se letho;
Ruri ke tlale lerato,
Bonyenyaneng ba ka!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Litšiu, linako tsohle