1. Emmanuele, mong'a rona,
U tla hlaha neng ka borena?
Re u lakatsa ka lipelo,
Re llela 'muso oa hao, Jesu.
Emmanuele, Mong'a rona,
U tla hlaha neng ka borena?
2. Lipallo tsa hao, li hopole,
Itsebahatse fatšeng lohle;
Khanya lefifing la lichaba,
U le apole, lea tšabeha.
Lipallo tsa hao, li hopole,
Itsebahatse fatšeng lohle;
3. Re tla bona neng fatše lena
Le se le ineela uena,
Le u emisetsa matsoho
Ka thapelo le ka lerato?
Re tla bona neng fatše lena
Le se le ineela uena?
4. Le hauhele hle, Monghali,
U le chabisetse leseli;
Felisa tse mpe, bohedene,
U le buse, Mong'a khabane.
Le hauhele hle, Monghali,
U le chabisetse leseli.
5. Chabana tsohle le meloko
U li romele tsa poloko;
Linaheng tsohle tsa lefatše
Ho ke ho tume Evangeli.
Chabana tsohle le meloko
U li romele tsa poloko;


