1. Mohlomohi, fatšeng lena,
Se tepelle, beta pelo!
Ea u ratang ke Morena,
tšepa eena, tšepa eena!
Mo tšepe ka mehla, ka pelo eohle,
Tabeng tsohle the kholo, tse nyenyane,
Ha u le ngoan'a Morena,
tšepa eena, tšepa eena!
2. Leha u lla ke tsietsi,
Se itelele u 'notši,
U furaletse Morena;
tšepa eena, tšepa eena!
Mo tšepe ka mehla, ka pelo eohle, …
3. Se re tsietsi le e 'ngoe
Ekaba ke e nyenyane,
E sa lekaneng Morena.
tšepa eena, tšepa eena!
Mo tšepe ka mehla, ka pelo eohle, …
4. Tse kholo ha li u pitla,
U se na ho ipholosa,
Che, ha li site Morena.
tšepa eena, tšepa eena!
Mo tšepe ka mehla, ka pelo eohle, …
5. Se itšepe le ka mohla
Hlalefo, pheello, matla;
Lelalela ho Morena,
tšepa eena, tšepa eena!
Mo tšepe ka mehla, ka pelo eohle, …
6. E, tsohle tse u imelang,
tšohle tse u belaetsang,
Li rolele ho morena:
tšepa eena, tšepa eena!
Mo tšepe ka mehla, ka pelo eohle, …
7. 'Me joale khotso ea Jesu
E tla u boloka pelo;
Ke eona mpho ea Morena:
tšepa eena, tšepa eena!
Mo tšepe ka mehla, ka pelo eohle, …
