Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Helang, chaba tsa lefatse

1 Helang, chaba tsa lefatše,
Puo tsohle le mefuta,
Bonang moren'a marena,
Rapelang eena a 'notši.

2 Le itlhahiseng ho eena,
Mo sebeletseng ka thabo;
Ka lipina tsa nuakallo
Le mo roriseng le lona.

3 Le tsebe hoba Jehova
Ke eena fela molimo;
Ke eena 'mopi oa rona
Le molisa ea molemo.

4 Ke morena ea re busang,
Ha a tsieloe ke letho;
Re mohlape o alosoang
Ka paballo, ka lerato.

5 Kenang ke hona tempeleng,
Le mo hlabele lithoko;
Ka lipelo tse thabileng
Mo hlahisetseng teboho.

6 Tsoelang Jehova lipelo,
Ka mantsoe a phahamileng;
O molemo, o mohau,
Le 'nete ka ho sa feleng.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Helang, chaba tsa lefatse