Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ha u jala e sa le meso

1 Ha u jala e sa le meso,
U jala motšear'o moholo,
U jala e sa le hosasa,
U sa phetse le mantsiboea,
Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jaliloeng leseling, lefifing
Ka phokolo, ka matla a tletseng,
Li tla ba joang mohla li kotuloang!

2 Ha u jala le ka tumelo,
Ha u jala ka mehla, kahohle,
U sa tšabe le mokhathala,
U ntse u jala peo e ntle,
Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jaliloeng…

3 Ha u jala le ka tumelo,
U ntse u nosetsa ka thapelo,
Linyelisong le mahlomoleng,
U tla khora ka nako ea teng.
Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jaliloeng…

4 Ha u ka jala ka booatla,
Litšebo, liphapang, le bothata,
U jala u sa hlokomele,
Ka ho soasoa le ka bohale,
Kotulo ea ba kakaang!
Tse jaliloeng…

5 Ha u jala tse bohloko,
Tse khelosang, tse timetsang batho,
Tsa lebitso le senyehileng,
U jala lihlong tse sa feleng,
Kotulo e'a ba!
Tse jaliloeng

6 Tse molemo li jale joale,
Ka lipuo le liketso tse ntle;
Leha e ka ba ka meokho;
Jala, u tla kotula thabo.
Kotulo ea ba kakaang!
Tse jaliloeng…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Ha u jala e sa le meso