Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

Ke biliba bo bilohang

8.8.8.8.8.8.

1 Ke boliba bo bilohang,
Ke koetsa ea mahlomola;
Ke phororo tse nkhoholang,
Ke hlotsoe, ke ea timela.
Jesu, ke leba ho uena,
Oho u mpoloke le 'na!

2 Bohlale le ho itšepa,
Ka re ke sona sehlare.
Jo, ke mahoholi fela,
Kea kukoa, kea teba!
Jesu ke leba ho uena…

3 Ka tšepana le linatla,
Ka itšoarella ka tsona;
Ke qhoboi, ea fothoha,
Ke sentse ke tsieleha.
Jesu, ke leba ho uena…

4 Jesu, ke uena u le mong
Sehlare sa 'nete sa ka;
Fika le emeng phororong,
Ke itšoarella ka uena.
Jesu, ke leba ho uena…

5 Umphalletse, se ntlohele,
Nkukele sefubeng sa hao;
Ha fefo li le bohale,
Ho 'na a tla 'n'e be khotso.
Jesu, ke leba ho uena…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Ke biliba bo bilohang