1. Elisang lifahlelo, – Jesu oatla.
Le lule ka tebello, – O ea fihla.
Oho, le falimehe, – Le rapeleng;
Leha a liehile, – Se otseleng!
O tla re Phutha bohle – Mohla a tlang,
Baratuoa ba 'nga tsohle, – Mohla a tlang,
Re tla ba teng le rona, – Mohla a tlang.
Re thabele Morena – Mohla a tlang.
2. Maosabi le matsoalo – A tla fela;
Re tla hlakola lillo, – Ha a fihla.
Jo, nka tahoa ke thabo, – Ha a hlaha;
Ke bine ka nyakallo – Ha ke 'mona.
O tla re phutha bohle…
3. Leeto le bolutu, – Le boima;
Empa ke na le Jesu: – Hoa ntekana.
O ntseba mefokolo, – Ho oa ha ka;
O mosa, o lerato, – Oa nkhothatsa.
O tla re phutha bohle…
4. Jo, ke mo hlolohetsoe, – Jesu oa ka;
Ke lutse ke tsietsoe, – ke labella;
Ke oa hae, o nkhethile, – 'Me oa nthata;
Le 'na ka pelo eohle – Kea mo rata.
O tla re phutha bohle…
