1. Matšoele a batho bale
Ana a subuhlellana'ng?
Ka pheello e kaakale,
Na le re, a tsamaela'ng?
Utloang ka moo a arabang:
Ke Jesu, ke Jesu ea fetang.
2. Jesu eo a tla bathing,
Lihlorehong le bohlokong;
Likhoahlapa, le lihole,
Ba tlisoa, ba thaba bohle,
Ha ba utloa ba bolelang:
Ke Jesu, ke Jesu ea fetang.
3. fihlile, o hlahile
Eena, Jesu ka sebele;
Pel'a menyako ea rona
O teng, o rata ho kena.
Ka thabo, e-reng le ba bang:
Ke Jesu, ke Jesu ea fetang!
4. Helang, lona ba khathetseng,
Bonang tšoarelo e tletseng;
Le lona lohle, bakhelohi,
Bonang, ke eena 'Moloki.
Baetsalibe, nyakallang:
Ke Jesu, ke Jesu ea fetang.
5. Empa ha le ka mo hana,
Rato la hae la le nyonya,
Le eena o tla le ila,
A hane ha le rapela
Leha le lla, ho fetile:
Ruri, Jesu o s'a fetile.
