Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Jesu o nts'a bitsa

8.7.8.7.D.

1. Jesu o nts'a bitsa, o re:
Ana ke tla roma mang?
Kotulo e kholo ruri;
Ke mang na, ke mang ea eang?
Morena o nts'a tlerola,
Moputso o mongata;
Na ke mang ea ea araba:
Roma 'na, ha u rata? (bis)

2. Leha u sa rongoe hole
Ho ruta bahedene,
Bona ba tletse kahohle,
Le koano ba haufi.
Menono ha u e hloka
Ho e abela Jesu,
Abela tsa bofutsana,
Mo abele ka pelo! (bis)

3. Leha u sitoa ho ruta
Ka matla, ka hlalefo,
Na u ka sitoa ho pheta:
Molimo o lerato?
Ha u se na matlanyana
Ho tsosa ba baholo,
Ea bokella likonyana,
U li tlise ho Jesu. (bis)

4. Leha u sa beoe qhooeng
Ho tumisa tsa khotso,
U ka rapela sephiring,
E ntse e le tšebetso.
Rapella, 'me u tšehese
Bahlanka ba Molimo,
Etlaba u selitse
Tse kholo, tse molemo. (bis)

5. Lumela lentsoe la Jesu:
Ana ke tla roma mang?
Bona, kotulo e kholo;
Na u sa liehelang?
Lumela ho ea kahohle
Moo ho ratang Morena;
Phakisa, mo arabele;
E-re: Roma, roma 'na! (bis)

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Jesu o nts'a bitsa