7.6.7.6.D.
1. Pula! Pula! Jehova.
Re fe pula tse ntle;
Re li kopa ho uena,
'Maballi oa bohle.
Bua, 'me ho tsoe marung
Tse nang molubela,
Tse ka tebelang mobung,
Tse nosetsang naha
Pula! Pula! Jehova.
Re fe pula tse ntle;
Re li kopa ho uena,
'Maballi oa bohle.
2. Bona, naha e ehele
ke letsatsi-tsatsi;
lijo li se li shoele
ke ho hloka metsi
lintho li ntse li ota
ke ho oma ha joang
khomo ha li sa sa sisa
ke ho llela ho nooang
Pula! Pula! Jehova, …
3. Matsoalong a re tšosang
Hakalo, Molimo,
Re ipona ba otloang,
Ba se nang molemo.
Re u sitetsoe, Ntate,
Ka tlolo tse ngata;
U mpe u re etetse
Ka mohau fela.
Pula! Pula! Jehova, …
