11.10.11.10.
1. Ho uena re tlisa lillo tsa rona,
Molisa e Moholo oa linku;
Oho, sheba ka mosa mohlatsoana
Oo u ikhethetseng oona, Jesu!
2. U ka bona, khale re senyehile,
Re tletse bobe bo sa phekoloeng;
Se re lahle, Morena, tlo kapele,
Uena, tšabelo sa ba thethetsoeng!
3. Ha esale re itlotsa ho uena,
Sefate sa 'nete sa bophelo,
Thabo e felile pelong tsa rona,
Ho felile le eona tebello.
4. Ha re san a matla a ho khumama,
Re tennoe le ke tsa evangeli;
Le lilampi tsa rona lia tima,
Hobane lisa tšeloe oli.
5. Liphuthehong ha ho sa utloahala
Lillo tsa ba pelo tse hlabiloeng;
Thoko tsa hao ha li sa re hlomola,
Le jalo tse ntle li oela tseleng.
6. Li kae tšiu tsa lerato la pele,
Ha re ne re sa u chasehela?
Rato leo, jo, le se le fetile,
Ho setseng ke ho teneha fela.
7. Tlo, Mong'a Kereke, etsa ka matla,
Tsosa banaba hao ba robetseng;
Ratong la hao, leha u ka re otla,
Re re: Ahe, fela re ntše bobeng!

(4 rating, 1 votes)