Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (1 rating, 1 votes)
Loading...

Morena, banyali bana, ba itletse

1 Morena, banyali bana
Ba itletse ho uena;
Ba tlil'o kopela nyalo
La bona hlohonolo.
Ba amohele,
U ba mamele
Merapelong ea bona ea joale;
Ba ipatlele
Mpho tsa sebele,
Hore bat le ba iketle,

T. le B.: Amohelang merapelo ea bona; bis
Amohela kopo tsa bona. Bis

2 Bocha bob a thabisitse,
Ba khahliloe ke bottle;
Ba thabile, ba ratana,
'Me bas a kha lipalesa.
Ba amohele…

3 O, ba re bat la ratana
Mahlomoleng le thabong!
Maloetseng le boiketlong
Ba 'ne ba hlokomelane.
Ba amohele…

4 Ba tšabise ho fapana,
Ba be le mamellano,
Ba tsebe ho tšoarelana
Ho ba hlokisang hlonamo.
Ba amohele…

5 Tseleng ena ea bophelo
Hammoho ha ba hata,
Ba felehetse Morna,
Ba nenese ka letsoho.
Ba amohele…

6 Ba fihle phellong ea tsela,
Ba sa ntse ba ratana;
Ba tle se ke ba sieana,
Ha ba ea fihla ho uena.
Ba amohele…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Morena, banyali bana, ba itletse