1 Lemohang rato la Jesu,
O molemo,
Le feta rato la batho
O lereko.
A rata bas a mo rateng,
A batla bas a mo batleng,
A fumana ba timetseng
O mohau.
2 Ithuteng rato la Jesu,
Le mohlolo,
Le theohelang ho motho
A le soto.
Ke le mo nyollang timelong,
Le mo isa leholimong
Ho mo fihlisa bophelong
Ho Molimo.
3 Se kheseng rato la Jesu
Le leholo,
Ke le phahameng joale ka
Leholimo.
Ka 'nete ke la bohlokoa,
Ke le se nang ho lekanngoa,
Le ea bitsoang Moratuoa
Oa Molimo.
4 Ke leo rato la Jesu
La sebele;
Ea tšabang tšiu ea lefu
A le kuke.
Phakisang, itlhahaneleng,
Phallang, le le titimeleng;
Le lekane, ha ho le leng,
Ke la bohle.
