Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

A re eteleng Bathlehema

9.8.9.8.D

1 A re eteleng Bethlehema,
Ho bona ngoana e motle
Ea hlahileng bosiung bona,
Hore ho thajoe kahohle;
Makhotla a likete-kete
A mo rorisa sebakeng.
Tsatsi lena ke la mokete;
Tlong, Lona bohle, a re eeng! (bis)

2 Se 'matleng matlung a borena,
Che, ha se moo a tsoaletsoeng;
Atamelang sejelo sena
Moo 'm'a hae a mo beileng teng.
O hlahile ka bofutsana
Le ka boikokobetso;
Athe e le eena Morena,
Ke eena Mor'a Molimo. (bis)

3 Lebohang hle, bana ba heso,
Lesea le tlang ka mosa;
Lebitso la lona ke Jesu,
Le tlile ho re pholosa.
Ke eena seli la lichaba.
Ke tšepo ea ba timetseng.
Mo amoheleng ka ho thaba
Ngoana eo ea le etetseng! (bis)

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

A

A re eteleng Bathlehema