8.8.8.8.8.8
1 Ba ratiloeng ke Molimo,
Le lebohe lehodimo,
Jesu o tlile lefatšeng;
A re kopaneng kaofela,
Ho rorisa ka lifela (bis)
'Moloki ea re tsoaletsoeng. (bis)
2 Le rona re filoe pallo
E re bolellang topollo;
Atamelang ka ho thaba!
Ea tlang ke ea ratang batho,
Mo-re-lefella-melato, (bis)
Mothabisi oa lichaba.
3 Re se felloe ke lipelo:
Ntate o re file Jesu
Ho re shoela ka lereko.
O tlohile leholimong,
A tla boikokobetsong, (bis)
Ho re sitsa ka poloko. (bis)
4 Lumela, Moren'a khanya!
Ka matl'a hao re tla fenya
Lira tsa rona kaofela.
Liphutheho tsa hao tsohle
Li u thabele kahohle, (bis)
Li u roke ka lifela. (bis)
