8.8.9.D
1 Ea renang ka ho sa feling
Ea senatla, ea phahameng,
Ea holimo, ke Ntat'a rona!
Lentsoe la hae le re entse,
Lentsoe le re lopolotse,
'Me re tsoaloa bocha ke lona.
2 lentsoe lena ke la Jesu;
Bo-seng-eng, sebe, le lefu
Ha li site matla a lona;
Bo-seng-eng bo tsoa lefatše,
Tlamo tsa sebe li hlotsoe,
Lefu ke monyako oa khanya.
3 Tsatsi le tla chaba neneng,
Lee bohle ba shoeleng libeng,
Ba tlang ho lumela Morena,
Pelo tse thata li bake,
Tsohle li batle lesaka
La Jesu, 'Moloki oa rona!
4 A re kopeng ho Morena,
Hore balibe kaofela
Ba hloloe ke rumo la lentsoe;
A bopele leholimo
Bana ba tsoetsoeng ke Moeoa
Har'a ba pelotse kang majoe.
5 Chaba tsa batho kaofela
Li rorise ka lifela
Moshoeli ea hlotseng lebitla;
Terong, pel'a Morena,
Ho utloahale lipina
Tse tlatsanang le tsa bahloeki.
