1 Bomalimabe bo bokaakang
Ho bana ba batho!
Kaofela bo-mang le mang,
Ba matleng a lefu.
2 Rona. Re boha bonatla,
Hlalefo, boholo;
Tsena tsohle ke lefela
Ha ho hlaha lefu.
3 Le hlaha ka matšabeho
Le ha mahlomola;
Le feta le siea lillo
Le lithako fela.
4 Empa bathing ho hlahile
Moren'a bophelo;
Ke senatla, ke mohale,
Ke Mor'a Molimo!
5 O phalletse ho hlakola
Mehlala ea lefu,
Ho tšepisa, ho tšelisa
Lipelo tsa batho.
6 Le lefu o le betile.
O le kateletse,
O le hlotse; ho felile,
O re lopolotse!
7 Se tšohe, se thothomele,
Ngoana oa Molimo!
Lefung, matla le tsenene
Li se li le sieo.
8 Se teng fela ke bophelo
Bo khanyang lebitleng;
Ke hloekiso, ke letlštlo,
Ha u ea Moreneng.
