1 U tla tloha, u hauhele
Thaba ea hao ea Sione;
Nako e se e fihlile
Ea hoba u e etele.
2 Bana ba hao ba hlomoha,
Ke majoe a helehileng;
Esita lerole la teng
Ho bona lea rateha.
3 Bahedene bat la tšaba
Bitso le hao la Jehova;
Le marena a tla tšoha
Khanya ea hao ha e chaba.
4 Jehova o tla tla khanyeng
Mohla a tsosang Sione;
Tsebe a e sekehele
Sello sa ba mo tšepileng.
5 Thapelo ea ba soabileng
Ha a ka ke a e lahla;
Bitso la hae le tla rokoa
Ke meloko e sa baloeng.
