8.7.8.7.
1 Molisa ea batlang linku
Tse thobileng makhulong,
U li bohise maoto
A hlabiloeng topollong. Bis
2 Li qhaliloe ke Satane,
O sa li shoela mona;
O li neela libatana,
Li haroloe ke tsona. Bis
3 U phakise ho li lata,
Li tle ho uena tsohle,
Metsing a se nang lerata,
Malibohong a matle. Bis
4 U li bokelle hammoho
Ka mohlape o le mong,
Li tsamaee ka teboho
Meepeng e isang hae. Bis
5 Mefuta ke e mengata,
Pelo tsona li be ling;
Bohle bat she[pang bothata
U ba busetse 'neteng.bis
6 Hopola Iseraele
Ea ineetseng tahleho;
Leseli le mo hlahele,
A tutubolle mahlo. Bis
7 Hopola bana ba kama;
Le bona u ba late,
Ba phakise ho khumama,
Ba u rapele, Ntate.bis
