1. Lefatše lena-Le ka 'nea'ng?
Ke oa Morena,- Ke sa hloka'ng?
Ke na le Mong-Leholimong
Le lefatšeng,-Ea nchoeletseng;
Ea nkeletsang hle,-E le Moena;
'Me ea mpholosang,-Ke Jehova.
2. Lehlohonolo-Lee ke le jang,
Ke re, ke tlotlo-Le hlolehang;
Ha re khotše-La lefatše,
Rea ichoella,-Rea timela;
Kanthe bophelo-Bo sa feleng,
Ke lefa la ka-Le sa feteng.
3. Le ha satane-A nchehile,
Ea bokhabane-O 'metile.
Jesu Kreste-O ntlholetse
Ka mahloko-Le ka lefu;
Matla' lihele-Ha a nteka,
Emmanuele-Oa mpoloka.
4. Ke sa beeha-Hlolohelong,
Ke ntan'o fihla-Leholimong.
Ho fihlela-Tsatsi lela
Jesu a tlang-Le ba khanyang,
A tle a nthole,-Ho nkisa hae,
Ke tle ke hlole-Ratong la hae.
