8.8.8.4.
1 Ntate, ha ke sa sepela – hole le hae la heso,
U nthuse, ke tsebe ho re: – ho lokile!
2 See u nkalimileng sona, – Ha u re, ke se busetse
Le teng ke tla leka ho re: – Ho lokile!
3 Leha u re, ke lesane – Le ba ratoang ho fetisa,
Le moo, ke sa leka ho re: -Ho lokile!
4 Leha lefu le bohale – le khaola tšiu tsa ka,
Ke sa ntse ke leka hore: -Ho lokile!
5 fela, ha ken a uena,-Bohlokong le lihlorisong,
Hohle, Ntate, ke ntse ke re: -Ho lokile!

(65 rating, 16 votes)