Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (48 rating, 13 votes)
Loading...

Ha le mpotsa tšepo ea ka

1. Ha le mpotsa tšepo ea ka,
Ke tla re, ke Jesu;
Ka lapetse ho mo aka;
Ha hae ke haeso.

2. Le re, ke bone'ng ho eena?
Ke bone phomolo;
Thabo e leng ho Morena
Ha e na phetoho.

3. Ka na ka nyoreloa botle,
Ka tsoa tsoa ke batla,
Ka tsieloa ke ntho tsohle,
Ka felloa ke matla.

4. Athe Jesu o n'a mpona
Ha ke lela joalo;
A mpitsa a re: Tlo ho 'na,
U fole matsoalo.

5. Joale ke khotše ka mehla
Mohau oa Molimo;
Ke qalile ho iketla
Tšepong ea holimo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Ha le mpotsa tšepo ea ka