9.8.9.8.D
1 morena, ho hotle hakaakang
Ha u nkhopola teroneng,
U nthsela lerato le tukang
Pelong ea ka e hatsetseng.
Ka mehla ke tla u leboha,
Hoba u ntsitse thohakong,
{U mpatletse ho khatholoha,
Ka ho kena matsoenyehong,)(bis)
2 ha u mpona ke sa lebile
Ho lintho tse sa ntokeleng,
Kapa nthoana ha e ntlamile,
Ee uena u sa e rateng,
kapa ke ea bohlokoa ho'na
Ho feta thak' leihlo,
{Khaola hang litlamo tsena,
Ke lokolloe, ke be oa hao.)[bis]
3 Pelo ea ka ea u lakatsa,
Jesu,u ikahele teng;
U ne u re , u tla e etsa
Tempele e u khethetsoeng
E busoe ke moea o motle,
E tlale rato la boena,
{E khabisoe ka lintho tsohle
Tse ka u ratisang eona.)(bis)
4 thua, chesa, felisa ruri
Tsohle tse sa u khahliseng;
Fatše ha le sa ntse le ntšoere
Ka lehlokoana le le leng,
E ntse e le mahlaanhlela
A ntšitang ho u latela
{Athe u itse, ba itelang
Ke bona ba u tšoanelang, )(bis)
