Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (45 rating, 12 votes)
Loading...

Ke ngoan'a hao, bitso la hao

1 ke ngoan'a hao, bitso la hao le rokoe,
Morena ka, ke ineela uena.
Ke ngoan'a hao,kea u rata,kea u boka;
Ke ngoan'a hao,ke ngoan'a hao.

2 pelong ea ka ke ne ke belaela,
Ke sa kholoe, ke labella tsuo.
Seli la hao la ba la mpontsa tsela;
Kengoan'a hao,ke ngoan'a hao

3 khale ke ne ke busoa ke lefatse
Joale Jesu o 'nea molao.
Ke thabile,pelo ea ka e khotsoe;
Ke ngoan'a hao,ke ngoan'a hao.

4 Ho uena,ke re,ke bone bophelo,
'Me kajeno ke u neile pelo;
Ke ngoan'a hao,ke ngoan'a hao.

5 U ntalimile ha ke sa le hole,
Ua nkhahlanyetsa ka rato la hao.
Ntate,joale,ke re,ak'u ntsoarele;
Ke ngoan'a hao,ke ngoan'a hao.

6 Ho uena,ke bone lintho kaofela
Tsohle ke li rua ke tumelo;
Sefubeng sa hao, joale, kea phomola;
Ke ngoan'a hao, ke ngoan'a hao.

7 Bitso la ke kajeno u le ngole,
Le se ke la tloha bukeng ea hao;
Nako ea hao ha e fihla,u nthole;
Ke ngoan'a hao ,ke ngoan'a hao.

8 fatseng lena, moo u reng,kelebelle,
Ke ntse ke re, Jesu , ke ngoan'a hao;
Leholimong, moo u reng, ke finyelle,
Hohle, ke ntse ke le oa hao

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Ke ngoan'a hao, bitso la hao