Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

Re siele khotso ya hao

11.10.11.10.

1. Re siele khotso ya hao, Morena,
Tsatsi lena le phethoe ke wena;
Tlosa dibe dipelong le melomong,
Ho rona ba o rapelang jwale.

2. Re siele khotso ya hao, Morena,
U edise lefifi la rona;
Re phemele dikotsi tsa bosiu,
Wena Modisa ya sa otseding!

3. Re siele khotso ya hao, Morena,
Jwale, le nakong ya ho oroha;
Khotso ya lefatshe re e tedile,
Re siele ya hao e sa feleng.

4. Re siele khotso ya hao, Morena,
tshwarelo, hlatsuo, le kamohelo;
Re hlaphole pelo ka khotso ela
E fetisang kutloisiso eohle!

Leave a Reply

R

Re siele khotso ya hao