Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Modimo ke setshabelo

1 Modimo ke setshabelo
Sa ba leng mahlomoleng;
tshoho la hae ke tshirelo
Ya bohle bafokotseng.
Ha sera se pora,
Leha se puruma
Ha se na matla,
Matla ke a Jehova,
Ka mehla wa re lwanela.

2 Re ntse re khopjwa ka mehla,
Ha re tsebe ho tiea;
Ke Jesu ya re fang matla,
Hape wa re rapella.
Ha a re lebale
Ha a re furalle;
Pel'a terone
O ntsa eme a tiile,
Re tla hlola, re phethehe.

3 Jesu, emela Kereke
E hlatsoitsweng ka madi:
E lwantshwa ke matla o'hle
A 'muso wa lefifi.
E tshepile wena,
Ka wena ya ema
U itse: Khoro
Kaofela tsa dihele
Di ke se ke tsa e hlola

Leave a Reply

M

Modimo ke setshabelo