Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Lilemo tsa bocha

1 Lilemo tsa bocha e ka palesa,
Palesa e ponang, e omelle;
Tsatsi ha le chaba, le tla e chesa,
Ka mantsiboea e timele.
Na bocha ba motho hase palesa?
Phakisang, phakisang, tlong ho Jesu!
Nako ke kajeno, se reng: Hosasa;
Tlong, le mo neele lipelo!

2 Ba mo sebeletsang, lintho kaofela
Li sebetsa molemo ho bona;
Tseo ba li tetseng ho mo latela
Ba nka ha lekholo ho tsona
Le eona palesa e na le thuto
E bolellang bohle: Falimehang!
Re kashoa kajeno, eba ke phetho;
Tsatsi ke kajeno,phakisang.

3 Re hopoleng 'Mopi bocheng ba rona,
Letsatsi le lebe le e-s'o tle,
Lee re ka hlokang sebaka ka lona
Sa ho 'matla ka pelo eohle.
Ratong la Molimo ke ntse ke phela.
Ke filoe 'Moloki ea nthatileng;
Palesa ha e-shoa, teng ke ho fela,
'Na, ha ke 'shoa, ke ea ho pheleng.

4 Jesu, bocheng ba ka u nkamohele,
Mohla ke shoang ke tle ke ee khanyeng;
Ha ke ntse ke hola, ke u phelele,
Ke ntan'o finyella monateng!
Jesu, bocheng ba ka u nkamohele,
Mohla ke shoang ke tle ke ee khanyeng;
Ha ke ntse ke hola, ke u phelele,
Ke ntan'o finyella monateng!

Leave a Reply

Lilemo tsa bocha