8.4.8.4.8.4.
1 Ke bonela lehodimo – Mane hole,
Ke le bona ka lerootho, – Ho fifetse;
Na ke tla fihla monyako- O s'o koetswe?
2 Ke bonela khalalelo- Mane hole;
Hha e le moo mefokolo – E sa tlohe,
Teng na nka fihla, 'na motho – ya leng mobe?
3 Hape, ke bonela thabo – Mane hole;
Mona ke maswabi, dillo – Ha di fele;
E le lefa le bohloko – La badibe.
4 Ke bonela lehodimo – Mane hole;
Mona ho le matshoenyeho – le marole
A dintwa le a meleko – ya lefatshe.
5 'Melaedi, dintho tseo – Na di hole;
Ha o ka shwa o dumela – Ka sebele,
Hang – hang, Jesu o tla o fa – Tsona Tsohle.