Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Jesu o khutletse

6.6.6.6.8.8.

1 Jesu o Khutletse – Ha hae lehodimong;
Dira o di hlotse, – O kene letlotlong;
Re kopaneng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!

2 O butse monyako – O hanneng ho rona;
Bana ba poloko – Ba kena ka oona;
Re kopaneng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!

3 O dutse teroneng – Khanyeng ya Modimo;
O re rapella teng, – Re neoe ditulo,
Re dule teng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!

4 Jesu o abetswe – Mebuso kaofela;
Poloko e tlile, – E ke ke ya fela;
Re kopaneng le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!

5 ya tlileng lefatsheng – Ho lopolla batho,
A tsejoe dichabeng, – di tloswe melato;
Di kopane le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!

6 dira tse mo hanang – O tla di fedisa,
Empa bam o ratang – O tla ba phedisa;
Ba kopane le ba khanyeng
Ho tumisa alleluya!

Leave a Reply

J

Jesu o khutletse