1. Ho fedile, ke lehlohonolo;
Jesu o nchoetse, tshwarelo e teng;
Dithohako tse nkharametsang
Di khutsisitswe ke Jesu.
O ngwan'eso, hlo o dumele,
Topollo o e amohele;
Sefapanong tshwarelo e teng
Le bophelo bo sa feleng.
2. Ho fedile, ke lehlohonolo;
Ke tswa dintshing tsa dihele tse ntsho,
Ke hloibitswe tleneng tsa lefu
Ke Jesu, Mong'a topollo.
O ngwan'eso, hlo o dumele, …
3. Ho fedile, ke lehlohonolo;
Ana ke mang ya ka nkisang lhotla?
Ke tsekiswe'ng? Jes'o nkemetse;
Ho 'na ha ho sa le tsuo.
O ngwan'eso, hlo o luimele, …
4. Ho fedile, ke lehlohonolo;
Ha ke le moratuwa wa Jesu,
Ke sa batla'ng? ke khotswe pelo,
Ke le fumane lerato.
O, ngwan'eso, hlo o dumele, …
5. Ho fedile, ke lehlohonolo;
Leha ke ke phallelwa ke lefatshe
Ka meleko, ka ditsietsi,
Ke fumane setshabelo.
O ngwan'eso, hlo o dumele, …
6. Ho fedile, ke lehlohonolo;
Lehodimong le 'na ke tla fihla.
Ha nka ba le Jesu ka mehla,
Ha ho tlotlo le lekalo.
O ngwan'eso, hlo o dumele, …