Ha re babatsa hakalo
Tsa fatshe la ba hloekileng,
Re be re hloke le puo
Ho tla ba jwang ha re le teng
Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
2 Re re, re tla siea dillo,
Re phonyohe mahlomoleng,
Dipelo di tlale thabo;
Ho tla ba jwang ha re le teng
Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
3 Re bolela tsa phomolo,
Tsa khotso e phethehile,
Tsa lerato le tsa hloeko
Ho tla ba jwang ha re le teng
Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
4 Ho tla ba jwang ha re bona
Tsohle tsee re di tshepileng,
Re di tseba, re di rua?
Ho tla ba jwang ha re le teng
Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
5 Ha re bua ka molomo
Tseo re di hlolohetsweng,
Re timellwa ke khopolo
Ho tla ba jwang ha re le teng
Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng
6 Jesu, ka sebele-bele,
Ha re ka o boha khanyeng
U na le bakhethwa bohle
Ho tla ba jwang ha re le teng
Ho tla ba jwang (bis) ha re le teng