Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Fatše ke la Morena

7.7.8.7.7.8.

1 Fatše ke la morena:
Le hloliloe ke eena, (bis)
Le ba ahileng ho lona;
O le theile khale (bis)
Holimo ha maoatle
Le holimo ha linoka.

2 Ho tla nyolohela mang
Lerallaneng le khanyang, (bis)
Letlotlong la Mohlolehi?
Ke ba atla tse tšoeu, (bis)
Ke ba fetotsoeng pelo,
Ba phekotsoeng ke 'Moloki.

3 Phahamisang lihloho,
Menyako e holimo, (bis)
Ho kene Moren'a kanya!
Ke Moren'a khanya ke mang? (bis)
Ke Moren'a ba phelang,
Ke Jesu ea tsoang ho fenya.

4 Re tla kena ka eena,
Re tla beoa marena (bis)
Ke letlotlo la Jehova.
Phahamisang lihloho, (bis)
Menyako e holimo,
Ho kene Moren'a khanya!

Leave a Reply

Fatše ke la Morena