1. Emmanuele, mong'a rona,
U tla hlaha neng ka borena?
Re o lakatsa ka dipelo,
Re llela 'muso wa hao, Jesu.
Emmanuele, Mong'a rona,
U tla hlaha neng ka borena?
2. dipallo tsa hao, di hopole,
Itsebahatse fatsheng lohle;
Khanya lefifing la dichaba,
U le apole, le ya tshabeha.
Dipallo tsa hao, di hopole,
Itsebahatse fatsheng lohle;
3. Re tla bona neng fatshe lena
Le se le ineela wena,
Le o emisetsa matsoho
Ka thapelo le ka lerato?
Re tla bona neng fatshe lena
Le se le ineela wena?
4. Le hauhele hle, Monghadi,
U le chabisetse lesedi;
Fedisa tse mpe, bohedene,
U le buse, Mong'a khabane.
Le hauhele hle, Monghadi,
U le chabisetse lesedi.
5. Chabana tsohle le meloko
U di romele tsa poloko;
Dinaheng tsohle tsa lefatshe
Ho ke ho tume Evangedi.
Chabana tsohle le meloko
U di romele tsa poloko;