Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ya hlolang (utlwang taba e monate)

11.10.11.10.D.

1 ya hlolang ( utlwang taba e monate )
O tla kena motseng wa phatsimo,
A je le ditholwana tsa sefate
Se ka parateising ya Modimo
Ya dutseng teroneng o tla mo disa,
Ha a sa tla hlahelwa ke ho lla;
Le eona konyana e tla mo isa
Di dibeng tsa metsi a ho phela.

2 ya hlolang a ke ke atseba lefu
La bobedi, le nang le ho tshajwa
O tla ema a apere bosweo
Makhotleng a binang alleluia.
Ba tshwere dipalema tsa ho fenya,
Jesu bam o rorisa hammoho,
Ba 'minela difela, ba tidinya
Diharepa nyene le bosiu.

3 ya hlolang o tla ngolwa ke Morena
Bukeng ya ho phela, lehodimong;
Le phatleng o tla rweswa lehlakana
Le lohetsweng ba ntshitsweng tahlehong
Jesu ke eena ya tla mo khorisa
Ka manna a moya a patilweng;
Le tulong sa hae o tla mo dudisa,
A buse le eena ho sa feleng.

4 Tse re sitang, di re feta ka matla,
Ke dira tse ngata, tse tshabehang:
Sebe, nama, lefatshe le makhotla
A Satane; re ka a hlola jwang?
Re k'a hlola ka madi a Konyana
E hlabetsweng rona sefapanong;
Ha re ntse re itshwarella ka eena,
Re tla hlola, re kene bophelong.

Leave a Reply

E

Ya hlolang (utlwang taba e monate)