Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Dibe tsena tsa ka

1 dibe tsena tsa ka,
Tse ngata, tse kholo,
Di nkimetse , dia ntshita
Ke nyahame pelo,

2 Ke 'nile ka leka,
Ka re, a di fele!
Ha ho hlakolehe tshila
Di sa setse tsohle

3 Ka re ke tla baka,
Ke hlobohe dibe;
Athe ke ha di tla ata,
Le ho tswela pele

4 yaba moo letswalo
Le ntomang kahare,
La re: o hlokile thuso,
Bona, o thethetswe.

5 Ka ba kahopola
Taba e monate
E reng madi a konyana
A hlakola dibe

6 Ke motho ya khopo,
Ke bolela dibe;
O, konyana ya Modimo,
U ntlhatswe, ke phele!

Leave a Reply

D

Dibe tsena tsa ka