Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Akofa motho, o se re

1 Akofa motho, o se re,
U tla hlalefa hosanna;
tshaba bowatla le jwale,
Ke nako ya ho hlafela.

2 Akofa, qela mohau,
se emele la hosanna
tshaba, ho ka hlaha lefu
tsatsi le e-s'o dikele.

3 Akofa, o sokolohe,
Se bale tsatsi lesele;
Kajeno, khoro e butswe
E ka kwalwa hosasane.

4 Akofa, mading a thata
U itlhatswe hona jwale;
Hosasa, o ka fihlela
Tsela ya teng e thibane.

5 Morena,mo akofise,
Ngwana oeso wa dieha;
Jesu, o mo hlalefise,
A tl'a se ke a timela!

Leave a Reply

A

Akofa motho, o se re